Phatlalatso ea Sepolesa e mabapi le liketsahalo tsa sekolong se seholo sa sechaba(NUL)

Phatlalatso ea Sepolesa e mabapi le liketsahalo tsa sekolong se seholo sa sechaba(NUL)

Bookameli ba Sepolesa bo hlokometse le ho tseba ka liketsahalo tse bohloko boitsekong ba baithuti ba Sekolo se Seholo sa Sechaba (National University of Lesotho tsa la 16 Phuptjane 2022. Eleng moo ho bileng le tahlehelo ea bophelo le likotsi ho ba bang ba baithuti.

Bookameli bo soabisitsoe ke litaba tsena; ‘me bo tšoela liketso tsena ka mathe. Bo boetse bo tiisetsa sechaba hore sepolesa se thakhotse liphuputso ele ho fumana ka botebo se hlileng se etsahatseng, ele hore mehato ea molao e tle e nkoe ho baetsi ba liketso tsena.

Sepolesa se tšelisa bohle ba angoeng ke liketso tsena, le ho kopa tšoarelo kaha ho etsahetse seo bookameli bo neng bo sa se lebella. Se kopa batho bohle ba ka bang le leseli la se etsahetseng ho sebetsa le sepolesa ka ho fana ka lona ele hore toka e tle e tsebe ho ajoa.

Add Comment

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »