22 minutes ago
1
0
0
Limakatso Nkabi – PHQ
Ntsane Mothibeli (44), Tubeho Shale (25) le Molefi Nchai (45) ba Matomaneng Marakabei, Maseru ba hlahile Lekhotleng la ’Maseterata Maseru, ka la 19 Pulungoana 2025; ba qosoa ka bosholu ba nku.
Puisanong le Woman Police Constable (W/P/C) ‘Malillo Ntsetselane ho tsoa Motebong oa Sepolesa Marakabei, o re ka khoeli ea Phato 2025, ho fihlile tlaleho ofising ea habo ka mosali (37) oa Matomaneng a bontša a utsoelitsoe nku.
O re ba ile ba thakhola lipatlisiso tse utullotseng hore ka Hlakola 2025, Molefi o ne a ile a rekisetsa monna oa molli nku pele a hlokahala. A re o tla ngola babeisi empa a se etse joalo.
A re ka nako eo, nku e ile ea utsuoa habo eona, ‘me lipatlisiso tsa utulla hore Tubeho eo e leng molisana oa eona, o ile a etsa tumellano le Molefi hore ba utsoe nku. O re bao ka mora ho e utsoa, ba ile ba e rekisetsa Ntsane ka M1, 000.00.
Molli o ile a tseba nku ena e se e le ho e mong oa baahi motseng oo; a ileng a hlahisa babeisi bo a bo fuoeng ke Ntsane, ha a chenchisana ka hamole.
Boraro bona bo ile ba tšoaroa ka la 18 Pulungoana 2025. Ba fuoe beile ea M2, 000.00 motho ka mong, ‘me Tubeho le Ntsane ba atlehile ho lefa. Molefi o emetse nyeoe a le ka Setsing sa Tlhabollo ea Batšoaruoa. Ba tla boela khotla ka la 2 Tšitoe 2025.
Inspector (Insp) Tšolo Molibeli o ipiletsa ho sechaba ho tšepahallana, ’me a re marena ha motho a rekisa phoofolo ea hae, a ngole phokotseho libukeng tsa hae le ho ea sehoai se joalo, ebe le ho ea moreki o ngola keketseho.
A hopotsa hore phoofolo li rekisoa ka litokomane, e seng lifananoe fela ho se letho.


Add Comment